BIBELE e Halalelang

2 Marena 4:8-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Mohlomong, Elisha a ya le Shuneme; ha bo ho le mosadi wa mofumahadi teng, a mo phehella ho ja bohobe. Enere ha a ntse a feta le teng, o ne a fapohela ha hae ho ja bohobe.

9. A re ho monna wa hae: Bona, ke a tseba hobane enwa ya fapohelang ha rona kamehla ke monna ya halalelang wa Modimo.

10. A re mo etsetse kamore e nyenyane hodima lerako, re mmeele malao teng le tafole le setulo le lebone; mme enore ha a etla ha rona, o tla fapohela teng,

11. Mohlomong, a tla le teng, a fapohela kamoreng, a robala teng.

12. A re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa; a tla, a ema pela hae.

13. Elisha a re ho Gehasi: Mmolelle hle, o re: Bona, o re babaletse ka paballo e kgolo; o ka etsetswang? Kapa o rata ho rapellwa pela morena, leha e le pela molaodi wa makgotla na? Yena a re: Tjhe, ke dutse setjhabeng sa heso.

14. Elisha a re: A ka etsetswang? Gehasi a re: Empa seo a se hlokang ke mora, hape monna wa hae o se a tsofetse.

15. A re: Ako mmitse. A mmitsa, a tla, a ema monyako.

16. Yaba o re ho yena: Isao, ha ho le jwale, o tla aka mora. A re: Oho, monna wa Modimo, monga ka, o se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.

17. Mosadi eo a emola, a tswala moshanyana, ka nako eo Elisha a mmoleletseng yona. Mme ngwana a hola.

18. Eitse ka mohlomong, a tswela ho ntatae, ho bakotudi.