BIBELE e Halalelang

2 Marena 4:38-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

38. Yaba Elisha o boela Gilgale; tlala e ne e wele naheng, mme bara ba baporofeta ba tla, ba dula pela hae. A re ho mohlankana wa hae: Hlatleha ka pitsa eo e kgolo, o apehele bara ba baporofeta moroho.

39. E mong a tswela naheng ho kga moroho; a fumana maraka a naheng, a kga ditholwana tsa wona, a di phutha, a tla, a di petsolela pitseng ya meroho, ba mpa ba sa di tsebe.

40. Jwale, ba tsholela banna, ba re, ba je; yare ha ba eja meroho, ba howeletsa, ba re: Oho, monna wa Modimo, lefu le ka pitseng. Ba sitwa ho ja.

41. Yena a re: Tlisang phofo; mme a e faha pitseng, a ntoo re: Tsholelang batho bana, ba tle ba je. Mme ho bo ho se letho le lebe ka pitseng.

42. Yaba ho tla monna wa Baale-Shalisha, a tlisetsa monna wa Modimo bohobe ba dithakangwaha, e le mahobe a mashome a mabedi a harese, le diqwapi tse tala mokotleng wa hae. Elisha a re: Beela batho bana, ba tle ba je.

43. Empa mohlanka wa hae a re: Nka di beela batho ba lekgolo jwang? Yena a re: Bea pela batho bana, ba tle ba je, hobane ho itswe ke Jehova: Ba tla ja, ba be ba siye.

44. A bea pela bona, mme ba eja, ba ba ba siya, ka polelo ya Jehova.