BIBELE e Halalelang

2 Marena 4:24-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Jwale a qhaneha esele, a re ho mohlankana wa hae: E hule, o tsamaye; o se ke wa ntiehisa ha ke kaletse, haese ha ke o bolella.

25. A tloha jwalo, a fihlela monna wa Modimo thabeng ya Karmele.

26. Monna wa Modimo, ha a mmona a sa le hole, a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bona, mosadi wa Shuneme ke yane. Titima, o mo kgahlanyetse, o re ho yena: Hleka o sa dutse hantle, le monna wa hao o sa dutse hantle, le ngwana o sa dutse hantle na? A re: Re dutse hantle.

27. Yare ha a fihla ho monna wa Modimo, thabeng, a mo tshwara ka maoto. Gehasi a mpa a mo atamela ho mo suthisa; empa monna wa Modimo a re: Mo tlohele, hobane pelo ya hae e bohloko, mme Jehova o mpatetse, ha a ka a ntsebisa.

28. Yaba mosadi o re: Hleka ke ne ke kopile mora ho monga ka na? Ana ha ke a ka ka re, o se ke wa nthetsa na?

29. Yaba Elisha o re ho Gehasi: Itlame letheka, o nke lere la ka ka letsoho la hao, o tsamaye; etlere ha o kgahlana le motho, o se ke wa mo dumedisa; ha motho a o dumedisa, o se ke wa mo araba; o bee lere la ka hodima sefahleho sa ngwana.

30. Mma ngwana a re: Ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o siya. Yaba o ema, a mo sala morao.

31. Haele Gehasi, a ya pele ho bona, a bea lere hodima sefahleho sa ngwana; empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le kutlo. A ba a kgutla, a kgahlanyetsa Elisha, a mo tsebisa, a re: Ngwana ha a tsoha.

32. Elisha a kena ka tlung, a bona ngwana a shwele, a robaditswe malaong a hae.

33. A kena, a ikwalla le yena ba babedi ka lemati, a rapela Jehova.

34. A ntoo nyoloha, a paqama hodima ngwana, a bea molomo wa hae molomong wa hae, le mahlo a hae mahlong a hae, le diatla tsa hae diatleng tsa hae, a ikotlolla hodima hae, mme nama ya ngwana ya futhumala.

35. A nna a tloha, a itsamaela ka tlung, a boela a nyoloha, a ikotlolla hodima hae; jwale ngwana a ethimola hasupa, mme ngwana a tutubolla mahlo a hae.

36. Elisha a bitsa Gehasi, a re: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa, mme ha a kena ho yena, Elisha a re: Nka mora wa hao.