BIBELE e Halalelang

2 Marena 4:13-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Elisha a re ho Gehasi: Mmolelle hle, o re: Bona, o re babaletse ka paballo e kgolo; o ka etsetswang? Kapa o rata ho rapellwa pela morena, leha e le pela molaodi wa makgotla na? Yena a re: Tjhe, ke dutse setjhabeng sa heso.

14. Elisha a re: A ka etsetswang? Gehasi a re: Empa seo a se hlokang ke mora, hape monna wa hae o se a tsofetse.

15. A re: Ako mmitse. A mmitsa, a tla, a ema monyako.

16. Yaba o re ho yena: Isao, ha ho le jwale, o tla aka mora. A re: Oho, monna wa Modimo, monga ka, o se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.

17. Mosadi eo a emola, a tswala moshanyana, ka nako eo Elisha a mmoleletseng yona. Mme ngwana a hola.

18. Eitse ka mohlomong, a tswela ho ntatae, ho bakotudi.

19. Teng a re ho ntatae: Jo! hlooho ya ka! hlooho ya ka! Yena a re ho mohlankana e mong: Mo ise ho mmae.

20. Yaba o mo pepa, a mo isa ho mmae; mmae a mo fara mangoleng a hae, ya ba ya eba motshehare; yaba o a shwa.

21. Ebile mmae o nyoloha, a mo robatsa malaong a monna wa Modimo, a mo kwalla ka lemati, a tswa.

22. A ntoo bitsa monna wa hae, a re: Nthomele e mong wa bahlankana le esele e nngwe, ke tle ke phallele ho monna wa Modimo, ke ntoo boya.

23. Yena a re: O latang ho yena kajeno? Hase kgwedi e ntjha, leha e le Sabatha. A re: Ke kgotso.

24. Jwale a qhaneha esele, a re ho mohlankana wa hae: E hule, o tsamaye; o se ke wa ntiehisa ha ke kaletse, haese ha ke o bolella.

25. A tloha jwalo, a fihlela monna wa Modimo thabeng ya Karmele.

26. Monna wa Modimo, ha a mmona a sa le hole, a re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bona, mosadi wa Shuneme ke yane. Titima, o mo kgahlanyetse, o re ho yena: Hleka o sa dutse hantle, le monna wa hao o sa dutse hantle, le ngwana o sa dutse hantle na? A re: Re dutse hantle.