BIBELE e Halalelang

2 Marena 4:11-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Mohlomong, a tla le teng, a fapohela kamoreng, a robala teng.

12. A re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa; a tla, a ema pela hae.

13. Elisha a re ho Gehasi: Mmolelle hle, o re: Bona, o re babaletse ka paballo e kgolo; o ka etsetswang? Kapa o rata ho rapellwa pela morena, leha e le pela molaodi wa makgotla na? Yena a re: Tjhe, ke dutse setjhabeng sa heso.

14. Elisha a re: A ka etsetswang? Gehasi a re: Empa seo a se hlokang ke mora, hape monna wa hae o se a tsofetse.

15. A re: Ako mmitse. A mmitsa, a tla, a ema monyako.

16. Yaba o re ho yena: Isao, ha ho le jwale, o tla aka mora. A re: Oho, monna wa Modimo, monga ka, o se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.

17. Mosadi eo a emola, a tswala moshanyana, ka nako eo Elisha a mmoleletseng yona. Mme ngwana a hola.

18. Eitse ka mohlomong, a tswela ho ntatae, ho bakotudi.

19. Teng a re ho ntatae: Jo! hlooho ya ka! hlooho ya ka! Yena a re ho mohlankana e mong: Mo ise ho mmae.

20. Yaba o mo pepa, a mo isa ho mmae; mmae a mo fara mangoleng a hae, ya ba ya eba motshehare; yaba o a shwa.

21. Ebile mmae o nyoloha, a mo robatsa malaong a monna wa Modimo, a mo kwalla ka lemati, a tswa.