BIBELE e Halalelang

2 Marena 4:1-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba mosadi e mong, wa basadi ba bara ba baporofeta, o lla ho Elisha, a re: Mohlanka wa hao, monna wa ka, o timetse; o a tseba hobane mohlanka wa hao o ne a tshaba Jehova; jwale monna eo re leng molato ho yena o tlile ho nka bara ba ka ba babedi, hore a ba etse bafo.

2. Elisha a re ho yena: Ke tla o etsetsang na? Ntsebise, o na le eng ka tlung na? A re: Lekgabunyane la hao ha le na letho ka tlung haese pitsa ya ole.

3. A re: Eya, o adime dipitsa ho bao o ahisaneng le bona, e be dipitsa tse feela, o adime, e seng di se kae.

4. O tla kena ha hao, o ikwalle ka lemati hammoho le bara ba hao, o qhatsetse dipitseng tsena tsohle, o bee tse tletseng kathoko.

5. Yaba o tloha ho yena, a ikwalla ka lemati le bara ba hae; ba mo tlisetsa dipitsa, mme yena a qhatsetsa ho tsona.

6. Hobane dipitsa di tlale, a re ho mora hae: Ntlisetse pitsa e nngwe hape; empa a re ho yena: Ha ho sa le pitsa. Yaba ole e a kgaotsa.

7. Yaba o a tla, a tsebisa monna wa Modimo; yena a re: Reka tjhelete ka ole, o lefe molato wa hao, mme o phele le bara ba hao ka ho tla sala.

8. Mohlomong, Elisha a ya le Shuneme; ha bo ho le mosadi wa mofumahadi teng, a mo phehella ho ja bohobe. Enere ha a ntse a feta le teng, o ne a fapohela ha hae ho ja bohobe.

9. A re ho monna wa hae: Bona, ke a tseba hobane enwa ya fapohelang ha rona kamehla ke monna ya halalelang wa Modimo.

10. A re mo etsetse kamore e nyenyane hodima lerako, re mmeele malao teng le tafole le setulo le lebone; mme enore ha a etla ha rona, o tla fapohela teng,

11. Mohlomong, a tla le teng, a fapohela kamoreng, a robala teng.

12. A re ho Gehasi, mohlanka wa hae: Bitsa mosadi eo wa Shuneme. A mmitsa; a tla, a ema pela hae.

13. Elisha a re ho Gehasi: Mmolelle hle, o re: Bona, o re babaletse ka paballo e kgolo; o ka etsetswang? Kapa o rata ho rapellwa pela morena, leha e le pela molaodi wa makgotla na? Yena a re: Tjhe, ke dutse setjhabeng sa heso.

14. Elisha a re: A ka etsetswang? Gehasi a re: Empa seo a se hlokang ke mora, hape monna wa hae o se a tsofetse.

15. A re: Ako mmitse. A mmitsa, a tla, a ema monyako.

16. Yaba o re ho yena: Isao, ha ho le jwale, o tla aka mora. A re: Oho, monna wa Modimo, monga ka, o se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.

17. Mosadi eo a emola, a tswala moshanyana, ka nako eo Elisha a mmoleletseng yona. Mme ngwana a hola.