BIBELE e Halalelang

2 Marena 3:16-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. A re: Ho thwe ke Jehova: Tjhekang dikotikoti sekgutlong sena;

17. hobane ho thwe ke Jehova: Le ke ke la bona moya, le ke ke la bona le pula; leha ho le jwalo, sekgutlo sena se tla tlala metsi, le tle le nwe, lona le dikgomo tsa lona le dipelesa tsa lona.

18. E nyenyane taba ena mahlong a Jehova: hape, o tla be a neele le Bamoabe matsohong a lona.

19. Le tla fedisa metse yohle e dikilweng ka marako, le metse yohle e metle; le tla rema difate tsohle tse monate, le kate didiba tsohle tsa metsi, le senye masimo wohle a matle ka majwe.

20. Yare hosasane, ka nako ya ho hlahisa sehlabelo, ba bona metsi a etla ka tsela ya Edomo, lefatshe la ba la tlala metsi.

21. Haele Bamoabe bohle, ha ba utlwa hobane marena ao a tlile ho ba lwantsha, ha bokangwa bohle ba ka hlomelang, ho isa le ho ba hodileng, mme ba ema moeding.

22. Yare hosasane, ha ba tsoha e sa le hosasa, letsatsi la tjhabela metsi; Bamoabe ba bona metsi maloka le bona, a le mafubedu jwaloka madi.

23. Ba re: Ke madi; efela marena ao a bolayane, a timetsane. Helang! Bamoabe, a re yeng ho hapa.

24. Empa ha ba fihla diahelong tsa Iseraele, Baiseraele ba tsoha, ba qhala Bamoabe, bao ba ba ba baleha pela bona; yabe esale ba eya ba ntse ba bolaya Bamoabe, ho ya kena naheng ya bona.

25. Ba qhaqha metse; e mong le e mong a akgela lejwe la hae masimong wohle a matle; ba kata didiba tsohle tsa metsi, ba rema difate tsohle tse monate; ba betsang ka letjeketjane ba teela Kire-Haresethe hare, ba o senya, ba siya majwe feela.

26. Morena wa Moabe, ha a bona a hlotswe ke ntwa, a inkela banna ba makgolo a supileng, ba tshwereng disabole, a tle a phunye ho fihla moreneng wa Edomo, ba mpa ba sitwa.

27. Yaba o nka mora hae wa letsibolo, ya beng a tshwanetse ho mo hlahlama boreneng, a mo etsa sehlabelo sa setjheso hodima lerako. Yaba Baiseraele ba halefelwa haholo, ba ba ba tloha, ba boela naheng ya bona.