BIBELE e Halalelang

2 Marena 3:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jorame, mora Akabe, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, ka selemo sa leshome le metso e robileng meno e mmedi sa Josafate, morena wa Juda; a busa ka lemo tse leshome le metso e mmedi.

2. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka ntatae, leha e le jwaloka mmae; hobane a heletsa ditshwantsho tsa Baale, tse entsweng ke ntatae.

3. Leha ho le jwalo, a phehella dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha.

4. Mesha, morena wa Moabe, o ne a ruile mehlape ya dinku; o ne a ntse a ntshetsa morena wa Iseraele lekgetho la dikonyana tse dikete tse lekgolo, le la dipheleu tse dikete tse lekgolo, ka boya ba tsona.

5. Yare hoba Akabe a timele, morena wa Moabe a fetohela morena wa Iseraele.

6. Mohlang oo, morena Jorame a tswa Samaria, a bala Baiseraele bohle.

7. Ha a tloha, a romela ho Josafate, morena wa Juda, ka ho re: Morena wa Moabe o mphetohetse; hleka o tla ya le nna ho lwantsha Moabe na? Yena a re: Ke tla ya; ke ka wena le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao, le dipere tsa ka di ka pere tsa hao.

8. A ba a re: Re tla ya ka tsela efe? Yena a re: Ka tsela e yang le lefeella la Edomo.

9. Yaba morena wa Iseraele, le morena wa Juda, le morena wa Edomo a tloha, a potoloha ka ditshiu tse supileng; ha hlokahala metsi a makgotla le a dipelesa tse a latelang.

10. Morena wa Iseraele a re: Jo! Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe!

11. Josafate a re: Hleka ha ho moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na? E mong wa bahlanka ba morena wa Iseraele a fetola, a re: Elisha, mora Shafathe, o teng, ya neng a tshella Elia metsi matsohong.

12. Josafate a re: Lentswe la Jehova le ho yena. Ebile morena wa Iseraele, le Josafate, le morena wa Edomo, ba theohela ho yena.

13. Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.