BIBELE e Halalelang

2 Marena 25:21-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Morena wa Babilona a ba bolaya, a ba timetsa Ribla, naheng ya Hamathe.Bajuda ba tloswa jwalo lefatsheng la bona, ba iswa kgolehong.

22. Haele setjhaba se kileng sa sala fatsheng la Juda, se tlohetsweng ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, a bea Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, hore e be mmusisi wa sona.

23. Balaodi ba makgotla le batho ba bona, ha ba utlwa hore morena wa Babilona o beile Gedalia mmusisi, ba tla ho Gedalia Mitspe; ke Ishmaele, mora Nethania, le Johanane, mora Karea, le Seraia, mora Thanhumethe wa Nethofa, le Jaasania, mora motho wa Maaka, ba ena le batho ba bona.

24. Yena Gedalia a ba hlapanyetsa, bona le batho ba bona, a re ho bona: Le se ke la tshaba bahlanka ba Bakalde; ahang fatsheng lena, le sebeletse morena wa Babilona, mme le tla iketla.

25. Leha ho le jwalo, ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa mofuta wa borena, a tla le banna ba leshome, a bolaya Gedalia, a shwa; a bolaya le Bajuda le Bakalde ba nang le yena Mitspe.

26. Ebile setjhaba sohle, ba banyenyane le ba baholo, le balaodi ba makgotla, ba tloha, ba ya Egepeta, kahobane ba ne ba tshaba Bakalde.

27. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho holehuwa ha Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, a ntsha Jojakine, morena wa Juda, teronkong, e le ka selemo seo a qalang ho busa ka sona.

28. A bua hantle le yena, a phahamisa terone ya hae ho feta diterone tsa marena a mang a leng ho yena Babilona.

29. Jojakine a lahla diaparo tsa hae tsa teronko, a nna a ja bohobe pela morena ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.

30. Mme dijo tsa hae ya nna ya eba dijo tseo a di fuwang ke morena, tsa tsatsi le leng le le leng, tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.