BIBELE e Halalelang

2 Marena 25:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Haele ditshiya tsa koporo tse ka tlung ya Jehova, le didulwana, le letsha la koporo le ka tlung ya Jehova, Bakalde ba di robaka dikoto, ba isa koporo ya tsona Babilona.

14. Le dipitsa, le tse olang molora, le matlao le dikgaba, le mesebetsi yohle ya koporo eo ho neng ho sebeletswa Jehova ka yona, ba ya le yona.

15. Le dipane, le dipitsana, hohle hoo e leng kgauta e hlwekileng le silefera e hlwekileng, tsa nkwa ke molaodi wa bahlabani ba morena.

16. Ke ditshiya tse pedi, le letsha, le didulwana tseo Salomone a neng a di etseditse ntlo ya Jehova; koporo ya mesebetsi eo yohle e be e se na ho lekanngwa ka baka la boima ba yona.

17. Bolelele ba tshiya e nngwe e ne e le ditswe tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi; hlooho ya yona e ne e le ya koporo; bolelele ba hlooho e ne e le ditswe tse tharo; le dikgabiso tse kang meqhaka, le digaranata tse rwesang hlooho, kaofela ha tsona e ne e le tsa koporo. Le tshiya ya bobedi e be e na le dikgabiso tse kang meqhaka, jwaloka e nngwe.

18. Molaodi wa bahlabani ba morena a tshwara le Seraia, moprista e moholo, le Sofonia, moprista ya mo hlahlamang, le balebedi ba bararo ba monyako.

19. Hape motseng a tshwara tona e nngwe, mohlahlobi wa banna ba ntwa, le banna ba bahlano bao e neng e le baeletsi ba morena ba fumanweng motseng; le mongodi wa molaodi wa makgotla, momemi wa makgotla a setjhaba sa lefatshe la Juda, le banna ba mashome a tsheletseng ba setjhaba sa lefatshe ba fumanweng motseng.

20. Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba tshwara, a ya le bona ho morena wa Babilona, Ribla.