BIBELE e Halalelang

2 Marena 25:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa boroba mono o le mong sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema ka makgotla a hae kaofela, a emisa pela teng. Ba haha diqhobosheane ka nqa tsohle ho wona.

2. Ha lwantshwa motse, ha ba ha thwasa selemo sa leshome le motso o mong sa ho busa ha Tsedekia.

3. Ka la boroba mono o le mong la kgwedi ya bone, tlala e ne e le kgolo motseng, ho se ho se bohobe bo saletseng setjhaba sa teng.

4. Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.

5. Empa makgotla a Bakalde a phallela morena, a mo tshwara lehwatateng la Jeriko; mme makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.

6. Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, mme a ahlolwa teng.

7. Bara ba Tsedekia ba bolawa pela mahlo a hae; Tsedekia a ntoo phunngwa mahlo, a tlangwa ka mahlaahlela a koporo, mme a iswa Babilona.

8. Ka kgwedi ya bohlano, ka tsatsi la bosupa la kgwedi ya selemo sa leshome le metso e robileng mono o le mong sa ho busa ha Nebukadnesare, morena wa Babilona, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena le mohlanka wa morena wa Babilona, a kena Jerusalema.

9. A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema; a tjhesa le matlo wohle a maholo.

10. Le marako a Jerusalema a teelang motse hare a qhaqhwa ke makgotla wohle a Bakalde, a leng ho molaodi wa bahlabani ba morena.

11. Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.