BIBELE e Halalelang

2 Marena 22:7-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ba mpe ba se ke ba ballwa ditjhelete tse bewang matsohong a bona, kahobane ba etsa ka botshepehi.

8. Yaba Hilkia, moprista e moholo, o re ho Shafane, mongodi: Ke fumane buka ya molao ka tlung ya Jehova. Hilkia a nea Shafane buka, mme a e bala.

9. Shafane, mongodi, a tla ho morena, a busetsa ditaba ho yena, a re: Bahlanka ba hao ba bokeletse ditjhelete tse fumanweng ka tlung, mme ba di beile matsohong a ba etsang mosebetsi, e leng balebedi ba ntlo ya Jehova.

10. Shafane, mongodi, a ntoo tsebisa morena, a re: Moprista Hilkia o nneile buka e nngwe. Ebile moo Shafane a e balang pela morena.

11. Eitse hobane morena a utlwe taba tse bukeng ya molao, a hahola diaparo tsa hae.

12. Morena a laela moprista Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Akbore, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia, mohlanka wa morena, a re:

13. Eyang, le mpotsetse Jehova, bakeng sa ka le sa setjhaba le bakeng sa Juda yohle, hodima ditaba tsa buka ena e fumanweng; etswe Jehova a re halefetse haholo ka baka la hobane bontata rona ha ba ka ba mamela ditaba tsa buka ena, mme ha ba ka ba etsa le ka tsohle tseo re di ngoletsweng.

14. Ebile moprista Hilkia, le Akikame, le Akbore, le Shafane, le Asaia ba ya ho moporofeta Hulda, mosadi wa Shallume, mora Thikva, mora Harhase, mmoloki wa diaparo. O ne a ahile Jerusalema, karolong e nngwe ya motse. Ha ba mmoleletse,

15. yena a re ho bona: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Bolellang monna ya le romileng ho nna, le re:

16. Ho itswe ke Jehova: Bona, ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka ho latela mantswe wohle a buka e badilweng ke morena wa Juda.

17. Erekaha ba mphuraletse, ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona, ka baka leo, kgalefo ya ka e tuketse motse ona, mme ha e na ho tingwa.