BIBELE e Halalelang

2 Marena 22:12-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Morena a laela moprista Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Akbore, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia, mohlanka wa morena, a re:

13. Eyang, le mpotsetse Jehova, bakeng sa ka le sa setjhaba le bakeng sa Juda yohle, hodima ditaba tsa buka ena e fumanweng; etswe Jehova a re halefetse haholo ka baka la hobane bontata rona ha ba ka ba mamela ditaba tsa buka ena, mme ha ba ka ba etsa le ka tsohle tseo re di ngoletsweng.

14. Ebile moprista Hilkia, le Akikame, le Akbore, le Shafane, le Asaia ba ya ho moporofeta Hulda, mosadi wa Shallume, mora Thikva, mora Harhase, mmoloki wa diaparo. O ne a ahile Jerusalema, karolong e nngwe ya motse. Ha ba mmoleletse,

15. yena a re ho bona: Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Bolellang monna ya le romileng ho nna, le re:

16. Ho itswe ke Jehova: Bona, ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka ho latela mantswe wohle a buka e badilweng ke morena wa Juda.

17. Erekaha ba mphuraletse, ba tjheseditse medimo esele dibano, hore ba nkgalefise ka mesebetsi yohle ya matsoho a bona, ka baka leo, kgalefo ya ka e tuketse motse ona, mme ha e na ho tingwa.

18. Haele morena wa Juda ya le romileng ho botsa Jehova, mmolelleng, le re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Haele ka taba tseo o di utlwileng,

19. kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.

20. Ka baka leo, ke se ke tla o orosetsa ho bontatao, o tle o orohele lebitleng la hao ka kgotso; le mahlo a hao a ke ke a bona dikotsi tsohle tseo ke tla di hlahisetsa motse ona.