BIBELE e Halalelang

2 Marena 21:9-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Empa ha ba ka ba utlwa, mme Manasse a ba kgelosa hore ba etse bobe, le ho fetisa ditjhaba tseo Jehova a neng a di timeditse pela bana ba Iseraele.

10. Ebile Jehova o bolela ka bahlanka ba hae, baporofeta, a re:

11. Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,

12. ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Bonang, ke ya hlahisetsa Jerusalema le Juda kotsi, eo bohle ba e utlwang, ditsebe tsa bona di tla re tsi.

13. Ke tla otlolla kgwele ya Samaria, le tekanyo ya ntlo ya Akabe hodima Jerusalema; ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola pitsa, a e hlakole, a be a e ribehe.

14. Ke tla furalla masala a lefa la ka, ke a neele matsohong a bao e leng dira ho wona, hore a fetohe tlatlapo le kgapo pela bohle bao e leng dira ho wona;

15. kahobane ba entse ho leng hobe mahlong a ka, mme ba nkgalefisitse, haesale ha bontata bona ba etswa Egepeta ho fihlela kajeno.

16. Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.

17. Haele taba tse ding tsa Manasse, le tsohle tseo a di entseng, le dibe tseo a sebileng ka tsona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

18. Yaba Manasse o orohela ho bontatae, a patwa tshimong ya ntlo ya hae, tshimong ya Ussa; mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.