BIBELE e Halalelang

2 Marena 21:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Hape, a haha dialetare ka tlung ya Jehova, eo Jehova a neng a e boletse ha a re: Ke tla bea lebitso la ka Jerusalema.

5. A hahela le makgotla wohle a lehodimo dialetare mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova.

6. A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.

7. A hloma setshwantsho se betlilweng sa Ashtarothe, seo a se entseng, ka tlung eo Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora hae Salomone: Ke tla nne ke bee lebitso la ka kamehla tlung eo le Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona melokong yohle ya Iseraele.

8. Hape, ha nka ke ka boela ka namosa maoto a Baiseraele lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ha ba ka mpa ba nna ba etsa ka tsohle tseo ke ba laetseng tsona, le ka molao wohle oo mohlanka wa ka, Moshe, a ba laetseng wona.

9. Empa ha ba ka ba utlwa, mme Manasse a ba kgelosa hore ba etse bobe, le ho fetisa ditjhaba tseo Jehova a neng a di timeditse pela bana ba Iseraele.

10. Ebile Jehova o bolela ka bahlanka ba hae, baporofeta, a re:

11. Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,

12. ka baka leo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Bonang, ke ya hlahisetsa Jerusalema le Juda kotsi, eo bohle ba e utlwang, ditsebe tsa bona di tla re tsi.

13. Ke tla otlolla kgwele ya Samaria, le tekanyo ya ntlo ya Akabe hodima Jerusalema; ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola pitsa, a e hlakole, a be a e ribehe.