BIBELE e Halalelang

2 Marena 21:3-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. A boela a haha nqalo tse diphahameng, tse neng di qhaqhilwe ke ntatae Esekiase, a hahela Baale dialetare, a etsa setshwantsho sa Ashtarothe, jwalokaha ho ne ho entse Akabe, morena wa Iseraele; a kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.

4. Hape, a haha dialetare ka tlung ya Jehova, eo Jehova a neng a e boletse ha a re: Ke tla bea lebitso la ka Jerusalema.

5. A hahela le makgotla wohle a lehodimo dialetare mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova.

6. A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.

7. A hloma setshwantsho se betlilweng sa Ashtarothe, seo a se entseng, ka tlung eo Jehova a neng a itse ho Davida le ho mora hae Salomone: Ke tla nne ke bee lebitso la ka kamehla tlung eo le Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona melokong yohle ya Iseraele.

8. Hape, ha nka ke ka boela ka namosa maoto a Baiseraele lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ha ba ka mpa ba nna ba etsa ka tsohle tseo ke ba laetseng tsona, le ka molao wohle oo mohlanka wa ka, Moshe, a ba laetseng wona.

9. Empa ha ba ka ba utlwa, mme Manasse a ba kgelosa hore ba etse bobe, le ho fetisa ditjhaba tseo Jehova a neng a di timeditse pela bana ba Iseraele.

10. Ebile Jehova o bolela ka bahlanka ba hae, baporofeta, a re: