BIBELE e Halalelang

2 Marena 21:15-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. kahobane ba entse ho leng hobe mahlong a ka, mme ba nkgalefisitse, haesale ha bontata bona ba etswa Egepeta ho fihlela kajeno.

16. Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.

17. Haele taba tse ding tsa Manasse, le tsohle tseo a di entseng, le dibe tseo a sebileng ka tsona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

18. Yaba Manasse o orohela ho bontatae, a patwa tshimong ya ntlo ya hae, tshimong ya Ussa; mme Amone, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

19. Amone o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse pedi Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Meshullemethe, moradi wa Harutse, wa Jotba.

20. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho ne ho entse ntatae Manasse.

21. A ya le ka mehlala yohle eo ntatae a ileng ka yona, a sebeletsa ditshwantsho tse sebeleditsweng ke ntatae, a di kgumamela.

22. A furalla Jehova, Modimo wa bontatae; mme ha a ka a tsamaya ka tsela ya Jehova.

23. Ebile bahlanka ba Amone ba mo fetohela, ba mmolaela tlung ya hae.

24. Empa setjhaba sa lefatshe la Juda sa bolaya bohle ba fetohetseng morena Amone, mme setjhaba sa lefatshe sa bea mora hae, Josiase, morena tulong tsa hae.

25. Haele taba tse ding tseo Amone a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

26. Ebile o patwa lebitleng la hae, tshimong ya Ussa; mme Josiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.