BIBELE e Halalelang

2 Marena 2:12-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Elisha a bona hoo, a howeletsa, a re: Ntate, ntate! Koloi ya Iseraele le bapalami ba yona! Ebile ha a sa mmona. A tshwara diaparo tsa hae, a di hahola koto tse pedi.

13. A thola le kobo ya Elia e weleng ho yena, a boela a ya ema lebopong la Jordane.

14. A nka kobo ya Elia, e weleng ho yena, a phutla metsi ka yona, a re: O kae Jehova, Modimo wa Elia? Hobane le yena a phutle metsi, a arohela ka nqa tse pedi, mme Elisha a tshela.

15. Bara ba baporofeta ba Jeriko ba neng ba eme mabapa le teng, ha ba mmona, ba re: Moya wa Elia o dutse hodima Elisha. Ba tla, ba mo kgahlanyetsa, ba inama fatshe pela hae.

16. Ba ntoo re ho yena: Bona, bahlanka ba hao ba na le banna ba matla ba mashome a mahlano; ha ba ke ba ye, ba batle monga hao; ekaba mohlomong, moya wa Jehova o mo nkile, o mo lahletse thabeng e nngwe, leha e le sekgutlong se seng. A re: Le se ke la romela.

17. Empa ba mo phehella, a ba a swaba, a re: Le ka romela. Ba roma banna ba mashome a mahlano, ba batla ka tshiu tse tharo, ba se ke ba mmona.

18. Ba ntoo kgutlela ho Elisha, a dutse Jeriko, mme a re ho bona: Hleka ha ke a ka ka le bolella, ka re: Le se ke la ya, na?

19. Yaba banna ba motse ba re ho Elisha: Motse wona o dutse botleng, jwalokaha o bona, monghadi; empa metsi a mabe, mme naha e nyopile.

20. A re: Ntlisetseng lefiswana le letjha, le le tshele letswai. Ba mo tlisetsa lona.

21. A ya mohloding wa metsi, a tshela letswai teng, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke phekotse metsi ana; ha ho sa tla tswa lefu teng, leha e le ho nyopa ha naha.