BIBELE e Halalelang

2 Marena 2:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mohla Jehova a tla nyolosetsa Elia lehodimong ka sefefo, Elia le Elisha ba tloha Gilgale.

2. Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile mane Bethele. Empa Elisha a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Ba theohela Bethele.

3. Teng, bara ba baporofeta ba Bethele ba tswela ho Elisha, ba re ho yena: Ana o a tseba hobane Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? A re: E, ke a tseba; kgutsang.

4. Elia a re ho Elisha: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jeriko. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba ya Jeriko.

5. Teng, bara ba baporofeta ba Jeriko ba re ho Elisha: Ana o a tseba hoba Jehova o ya tlosa monga hao ho wena kajeno na? Yena a re: E, ke a tseba; kgutsang.

6. Elia a re ho yena: Ako sale mona, hobane Jehova o nthomile Jordane. Yena a re: Ka Jehova ya utlwang, le ka moya wa hao o utlwang, nke ke ka o tlohela. Mme ba tsamaya ba babedi.

7. Ebile ho tla teng banna ba mashome a mahlano, e le bara ba baporofeta, ba ema mabapa le bona, ba le sebakanyana; bona ba babedi ba ema lebopong la Jordane.

8. Elia a nka kobo ya hae, a e tshopha, a phutla metsi; a arohana kalehare, mme ba tshela ba babedi moo ho omileng.

9. Eitse hobane ba tshele, Elia a re ho Elisha: Kopa seo nka o etsetsang sona, ke eso ho tloswe ho wena. Elisha a re: A nke ke newe karolo tse pedi tsa moya wa hao.