BIBELE e Halalelang

2 Marena 19:4-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ekaba Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe wohle a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.

5. Bahlanka ba morena Esekiase ba fihla ho Esaia;

6. Esaia a re ho bona: Eyang, le bolelle monga lona, le re: Ho itswe ke Jehova: O se ke wa tshaba mantswe ao o a utlwileng, ao batho ba morena wa Assiria ba nnyefotseng ka wona.

7. Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena; o tla utlwa taba, a kgutlele lefatsheng la hae; mme ke tla mo diha ka lerumo naheng ya hae.

8. Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna; hobane o ne a utlwile ha ho thwe, o tlohile Lakishe.

9. Teng, a utlwa ha ho thwe: Tirhaka, morena wa Ethiopia, o tlohile hae, a tle a o lwantshe. Yaba o boela a romela manqosa ho Esekiase, a re:

10. Le bolelle Esekiase, morena wa Juda, le re: Modimo wa hao oo o o tshepileng o se ke wa o thetsa ka ho re: Jerusalema a ke ke a neelwa matsohong a morena wa Assiria.

11. Bona, le wena o utlwile seo marena a Assiria a se entseng mafatsheng wohle, ka ho a timetsa. Hleka wena o re, o tla phonyoha na?

12. Na o re, medimo ya ditjhaba e di namoletse, tseo bontate ba di fedisitseng, bo-Gosane, le Harane, le Retsefe, le bana ba Edene, ba leng Telasare na?

13. O kae morena wa Hamathe, le morena wa Arpade, le morena wa motse wa Sefarvaime, wa Hena, le wa Ivva?