BIBELE e Halalelang

2 Marena 19:29-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Haele wena, Esekiase, seo e tla ba pontsho ho wena ke sena: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome masimo a merara, le je tholwana tsa wona.

30. Mme masala a setseng a ntlo ya Juda a tla mela metso katlase, a bee le ditholwana kahodimo.

31. Hobane masala a tla tswa Jerusalema, mme ba phonyohileng ba tla tswa thabeng ya Sione; poulelo ya Jehova wa makgotla e tla etsa tseo.

32. Ka baka leo, Jehova o re bakeng sa morena wa Assiria: A ke ke a kena motseng ona, leha e le ho phosa ka motsu teng, leha e le ho tla pela teng ka thebe, leha e le ho o etsetsa tutudu.

33. O tla kgutla ka yona tsela eo a tlileng ka yona; a ke ke a kena motseng ona: ho rialo Jehova.

34. Hobane ke tla sireletsa motse ona, ke o pholose ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.

35. Ka bona bosiu boo, ha tswa lengeloi la Jehova, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Eitse ha ba tsoha hosasa, ba bona e le ditopo feela.

36. Jwale Sankeribe, morena wa Assiria, a tloha, a ikela, a kgutlela hae, a ya dula Ninive.

37. Teng, ha a kgumamile tlung ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere ba mmolaya ka lerumo. Ba tshabela lefatsheng la Ararate; yaba Esare-Haddone, mora hae, e ba morena tulong tsa hae.