BIBELE e Halalelang

2 Marena 19:17-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Oho, Jehova, kannete marena a Assiria a timeditse ditjhaba le mafatshe a tsona;

18. a lahletse medimo ya tsona mollong; hobane e be e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.

19. Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane wena Jehova, o Modimo o nnotshi.

20. Yaba Esaia, mora Amotse, o romela ho Esekiase, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke utlwile kamoo o ithapeletseng kateng ho nna bakeng sa Sankeribe, morena wa Assiria.

21. Ke ena taba eo Jehova a e boletseng bakeng sa hae: Morwetsana, moradi wa Sione, o a o nyedisa, o tsheha ka wena; moradi wa Jerusalema o o tsokoletsa hlooho.

22. O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse eng mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele.

23. O nyedisitse Morena ka manqosa a hao, wa re: Ka makoloi a ka a mangata, ke hlwelletse hodima dithaba le diqhoweng tsa Libanone; ke tla rema dikedare tse telele tsa teng, le dikiprese tse kgethehileng tsa teng, ke fihle le hlorong ya teng, ho isa le morung wa tshimo ya teng.

24. Ke tjhekile, ka ba ka nwa metsi asele, mme ka bohato ba maoto a ka ke tla pshesa le dinoka tsohle tsa Egepeta.

25. Hleka ha o a ka wa utlwa hore ke kgale ke entse taba eo, ke e rerile mehleng ya boholoholo na? Jwale, ke a e hlahisa, le wena o mona hore o fedise metse e marako, o e fetole diqubu tsa dithako.

26. Ke ka baka leo baahi ba teng ba hlokileng matla; ba tshohile, ba ferekane; ba jwaloka jwang ba naha bo botala le mohlwa, le serethele se hodima ntlo, le jwaloka koro e tjheleng e eso ho tswale.

27. Empa ke tseba ho dula ha hao, le ho tswa ha hao, le ho kena ha hao, le kamoo o nthorelang kateng.

28. Hobane ho nthorela ha hao, le boithoriso ba hao, bo nyolohetse tsebeng tsa ka, ke tla phunya mohala dinkong tsa hao, ke kenye le tomo ya ka ka hanong ho wena, ke o kgutlise ka tsela eo o tlileng ka yona.

29. Haele wena, Esekiase, seo e tla ba pontsho ho wena ke sena: Ho tla jewa matshwabodi monongwaha, isao ho jewe dirite; ka sa boraro le tla jala, le kotule, le hlome masimo a merara, le je tholwana tsa wona.

30. Mme masala a setseng a ntlo ya Juda a tla mela metso katlase, a bee le ditholwana kahodimo.

31. Hobane masala a tla tswa Jerusalema, mme ba phonyohileng ba tla tswa thabeng ya Sione; poulelo ya Jehova wa makgotla e tla etsa tseo.