BIBELE e Halalelang

2 Marena 19:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Eitse morena Esekiase ha a utlwa, a hahola diaparo tsa hae, a ikapesa ka lesela le mahwashe, a kena tlung ya Jehova.

2. Hape, a romela Eliakime, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le baholo ba baprista, ba ikapesitse ka masela a mahwashe, ho moporofeta Esaia, mora Amose.

3. Ba re ho yena: Ho itswe ke Esekiase: Tsatsi lena ke la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.

4. Ekaba Jehova, Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe wohle a Rabshake, eo monga hae, morena wa Assiria, a mo rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang, mme Jehova, Modimo wa hao, o tla kgalemela mantswe ao a a utlwileng. Ka baka leo, o ke o beele masala a setseng thapelo.

5. Bahlanka ba morena Esekiase ba fihla ho Esaia;

6. Esaia a re ho bona: Eyang, le bolelle monga lona, le re: Ho itswe ke Jehova: O se ke wa tshaba mantswe ao o a utlwileng, ao batho ba morena wa Assiria ba nnyefotseng ka wona.

7. Bona, ke se ke tla kenya moya o mong ka ho yena; o tla utlwa taba, a kgutlele lefatsheng la hae; mme ke tla mo diha ka lerumo naheng ya hae.