BIBELE e Halalelang

2 Marena 18:9-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ka selemo sa bone sa ho busa ha Esekiase, e leng selemo sa bosupa sa Osea, mora Ela, morena wa Iseraele, Salmanasare, morena wa Assiria, a futuhela Samaria, a o thibella.

10. Ha dilemo tse tharo di fetile, a o hapa; ka selemo sa botshelela sa Esekiase, e leng selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Iseraele, Samaria wa hapuwa.

11. Morena wa Assiria a isa Baiseraele Assiria kgolehong, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede,

12. e le kahobane ba sa ka ba utlwa lentswe le Jehova, Modimo wa bona, ba mpa ba tlola selekane sa hae sa tsohle tseo Moshe, mohlanka wa hae a neng a di laetse, ba se ke ba utlwa, ba se ke ba etsa.

13. Ka selemo sa leshome le metso e mene sa ho busa ha Esekiase, Sankeribe, morena wa Assiria, a futuhela metse yohle ya Juda e marako, mme a e kena.

14. Jwale Esekiase, morena wa Juda, a romela ho morena wa Assiria, Lakishe, a re: Ke sitilwe; kgutla ho nna; seo o tla ntjarisa sona ke tla se jara. Morena wa Assiria a lefisa Esekiase, morena wa Juda, ditalenta tse makgolo a mararo tsa silefera, le talenta tse mashome a mararo tsa kgauta.

15. Esekiase a mo nea silefera yohle e fumanweng tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya morena.

16. Mohlang oo, Esekiase a manamolla kgauta e mamating a tempele ya Jehova, le e difateng tsa menyako, tseo Esekiase, morena wa Juda, a neng a di manehile, a e nea morena wa Assiria.

17. Leha ho le jwalo, morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Tharthane, le Rabe-Sarise, le Rabshake, ka makgotla a mangata, ho Esekiase, Jerusalema. Ba tla, ba fihla pela Jerusalema; ha ba fihlile, ba tla, ba ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.

18. Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.

19. Rabshake a re ho bona: Ereng ho Esekiase: Ho itswe ke morena e moholo, morena wa Assiria. Seo o se tshepileng keng?