BIBELE e Halalelang

2 Marena 18:31-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. Le se ke la kgolwa ke Esekiase, hobane ho itswe ke morena wa Assiria: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;

32. ke be ke tle, ke le nkele fatsheng le kang fatshe la lona, fatshe la koro le la veine, fatshe la bohobe le la masimo a merara, fatshe la ole ya mehlwaare le la dinotshi, le tle le phele, le se ke la shwa. Le se ke la nna la utlwa Esekiase, ha a le eletsa, a re: Jehova o tla re namolela.

33. Haele ho namolela, hleka o mong o teng wa medimo ya ditjhaba o namoletseng lefatshe la wona matsohong a morena wa Assiria na?

34. E kae medimo ya Hamathe le ya Arpade? E kae medimo ya Sefarvaime, ya Hena le ya Ivva? Na le wona Samaria o namoletswe matsohong a ka na?

35. Ke efe ho medimo yohle ya mafatshe ao e namoletseng mafatshe a yona matsohong a ka, ha ho thwe, Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?

36. Setjhaba sa mpa sa nna sa kgutsa, se se ke sa fetola letho, hobane taelo ya morena e be e itse: Le se ke la mo fetola.

37. Ebile Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.