BIBELE e Halalelang

2 Marena 18:27-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Rabshake a re ho bona: Ana o re, monga ka o nthometse ho wena le ho monga hao feela ho bua taba tsena na? Na hase le ho banna ba dutseng hodima lerako, hore ba tsebe hoba ba tla be ba je masepa a bona, mme ba nwe moroto wa bona hammoho le lona na?

28. Ebile moo Rabshake a emang, a howeletsa ka lentswe le leholo ka Sejuda, a bolela, a re: Utlwang taba ya morena e moholo, morena wa Assiria.

29. Morena o re: Le se ke la thetswa ke Esekiase, hobane a ke ke a le namolela matsohong a ka.

30. Esekiase a se ke a le tshepisa Jehova, ka ho re, Jehova o tla le namolela ruri, mme motse oo o ke ke wa neelwa matsohong a morena wa Assiria.

31. Le se ke la kgolwa ke Esekiase, hobane ho itswe ke morena wa Assiria: Etsang kgotso le nna, le tswele ho nna, le tle le je e mong le e mong morara wa hae, e mong le e mong a je feiye ya hae, e mong le e mong a nwe metsi a sediba sa hae;

32. ke be ke tle, ke le nkele fatsheng le kang fatshe la lona, fatshe la koro le la veine, fatshe la bohobe le la masimo a merara, fatshe la ole ya mehlwaare le la dinotshi, le tle le phele, le se ke la shwa. Le se ke la nna la utlwa Esekiase, ha a le eletsa, a re: Jehova o tla re namolela.

33. Haele ho namolela, hleka o mong o teng wa medimo ya ditjhaba o namoletseng lefatshe la wona matsohong a morena wa Assiria na?

34. E kae medimo ya Hamathe le ya Arpade? E kae medimo ya Sefarvaime, ya Hena le ya Ivva? Na le wona Samaria o namoletswe matsohong a ka na?

35. Ke efe ho medimo yohle ya mafatshe ao e namoletseng mafatshe a yona matsohong a ka, ha ho thwe, Jehova a ka namolela Jerusalema matsohong a ka?

36. Setjhaba sa mpa sa nna sa kgutsa, se se ke sa fetola letho, hobane taelo ya morena e be e itse: Le se ke la mo fetola.

37. Ebile Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso, ba tla ho Esekiase, ba hahotse diaparo tsa bona, ba mo tsebisa mantswe a Rabshake.