BIBELE e Halalelang

2 Marena 18:17-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Leha ho le jwalo, morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Tharthane, le Rabe-Sarise, le Rabshake, ka makgotla a mangata, ho Esekiase, Jerusalema. Ba tla, ba fihla pela Jerusalema; ha ba fihlile, ba tla, ba ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.

18. Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.

19. Rabshake a re ho bona: Ereng ho Esekiase: Ho itswe ke morena e moholo, morena wa Assiria. Seo o se tshepileng keng?

20. O re — empa ke mantswe a molomo feela — o re, morero le matla a teng a ho lwana; empa o tshepile mang, ha o mphetohetse?

21. Ke fela ke bona hobane o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo, ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye. Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.

22. Leha le re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena feela e Jerusalema?

23. Jwale, o ke o etse tumellano le monga ka, morena wa Assiria, ke o nee dipere tse dikete tse pedi, ha ekaba o ka ntsha bakalli ba di kallang!

24. O tla leleka jwang tona e le nngwe hara bahlanka ba banyenyane ba monga ka? Empa eka o tshepile hore o tla bona makoloi le bapalami Egepeta!

25. Hleka o re, ke tlile jwale kantle ho Jehova hore ke lwantshe setsha sena, ke se fedise? Jehova ke yena ya itseng ho nna: Ya lwantsha fatshe leo, o le fedise.

26. Ebile Eliakime, mora Hilkia, le Shebna le Jowa ba re ho Rabshake: O ke o bue le rona bahlanka ba hao ka Sesiria, hobane re a se utlwa; o se ke wa bua le rona ka Sejuda, tsebeng tsa batho ba hodima lerako.

27. Rabshake a re ho bona: Ana o re, monga ka o nthometse ho wena le ho monga hao feela ho bua taba tsena na? Na hase le ho banna ba dutseng hodima lerako, hore ba tsebe hoba ba tla be ba je masepa a bona, mme ba nwe moroto wa bona hammoho le lona na?

28. Ebile moo Rabshake a emang, a howeletsa ka lentswe le leholo ka Sejuda, a bolela, a re: Utlwang taba ya morena e moholo, morena wa Assiria.

29. Morena o re: Le se ke la thetswa ke Esekiase, hobane a ke ke a le namolela matsohong a ka.

30. Esekiase a se ke a le tshepisa Jehova, ka ho re, Jehova o tla le namolela ruri, mme motse oo o ke ke wa neelwa matsohong a morena wa Assiria.