BIBELE e Halalelang

2 Marena 18:15-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Esekiase a mo nea silefera yohle e fumanweng tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya morena.

16. Mohlang oo, Esekiase a manamolla kgauta e mamating a tempele ya Jehova, le e difateng tsa menyako, tseo Esekiase, morena wa Juda, a neng a di manehile, a e nea morena wa Assiria.

17. Leha ho le jwalo, morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Tharthane, le Rabe-Sarise, le Rabshake, ka makgotla a mangata, ho Esekiase, Jerusalema. Ba tla, ba fihla pela Jerusalema; ha ba fihlile, ba tla, ba ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.

18. Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.

19. Rabshake a re ho bona: Ereng ho Esekiase: Ho itswe ke morena e moholo, morena wa Assiria. Seo o se tshepileng keng?

20. O re — empa ke mantswe a molomo feela — o re, morero le matla a teng a ho lwana; empa o tshepile mang, ha o mphetohetse?

21. Ke fela ke bona hobane o tshepile Egepeta, lehlaka leno le tenyetsehileng, leo, ekareng motho ha a ikokotlela ka lona, le ya mo hlaba seatla, le se phunye. Faro, morena wa Egepeta, o ka lona ho bohle ba mo tshepang.

22. Leha le re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena feela e Jerusalema?

23. Jwale, o ke o etse tumellano le monga ka, morena wa Assiria, ke o nee dipere tse dikete tse pedi, ha ekaba o ka ntsha bakalli ba di kallang!

24. O tla leleka jwang tona e le nngwe hara bahlanka ba banyenyane ba monga ka? Empa eka o tshepile hore o tla bona makoloi le bapalami Egepeta!