BIBELE e Halalelang

2 Marena 18:1-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa boraro sa Osea, mora Ela, morena wa Iseraele, Esekiase, mora Akase, morena wa Juda, a qala ho busa.

2. O ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mahlano, ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Abi, moradi wa Sakaria.

3. A etsa ho leng hotle mahlong a Jehova, le ka tsohle tse entsweng ke Davida ntatae.

4. A tlosa dinqalo tse diphahameng, a robaka ditshwantsho, a poma diashera, a robaka le noha ya koporo e entsweng ke Moshe, kahobane ho fihlela mehleng eo, bana ba Iseraele ba ne ba ntse ba e tjhesetsa dibano; a e rea Nehushtane (ntho ya koporo).

5. A itshepela Jehova, Modimo wa Iseraele; hara marena wohle a Juda a bileng teng kamorao ho yena leha e le kapele ho yena, ha ho a ka ha eba ya tshwanang le yena.

6. A kgomarela Jehova, a se ke a lesa ho mo latella; a nna a boloka taelo tsa hae, tseo Jehova a di laetseng Moshe.

7. Jehova a ba le yena; ebile moo a qhomehang nthong tsohle tseo a di etsang. A fetohela morena wa Assiria a se ke a hlola a mo sebeletsa.

8. A hlola Bafilesta ho fihlela Gasa le mathoko a teng, ho tloha ditoreng tsa dibohodi ho fihlela metseng e marako.

9. Ka selemo sa bone sa ho busa ha Esekiase, e leng selemo sa bosupa sa Osea, mora Ela, morena wa Iseraele, Salmanasare, morena wa Assiria, a futuhela Samaria, a o thibella.

10. Ha dilemo tse tharo di fetile, a o hapa; ka selemo sa botshelela sa Esekiase, e leng selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Iseraele, Samaria wa hapuwa.

11. Morena wa Assiria a isa Baiseraele Assiria kgolehong, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede,

12. e le kahobane ba sa ka ba utlwa lentswe le Jehova, Modimo wa bona, ba mpa ba tlola selekane sa hae sa tsohle tseo Moshe, mohlanka wa hae a neng a di laetse, ba se ke ba utlwa, ba se ke ba etsa.

13. Ka selemo sa leshome le metso e mene sa ho busa ha Esekiase, Sankeribe, morena wa Assiria, a futuhela metse yohle ya Juda e marako, mme a e kena.

14. Jwale Esekiase, morena wa Juda, a romela ho morena wa Assiria, Lakishe, a re: Ke sitilwe; kgutla ho nna; seo o tla ntjarisa sona ke tla se jara. Morena wa Assiria a lefisa Esekiase, morena wa Juda, ditalenta tse makgolo a mararo tsa silefera, le talenta tse mashome a mararo tsa kgauta.

15. Esekiase a mo nea silefera yohle e fumanweng tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya morena.

16. Mohlang oo, Esekiase a manamolla kgauta e mamating a tempele ya Jehova, le e difateng tsa menyako, tseo Esekiase, morena wa Juda, a neng a di manehile, a e nea morena wa Assiria.

17. Leha ho le jwalo, morena wa Assiria, ha a le Lakishe, a romela Tharthane, le Rabe-Sarise, le Rabshake, ka makgotla a mangata, ho Esekiase, Jerusalema. Ba tla, ba fihla pela Jerusalema; ha ba fihlile, ba tla, ba ema moeding wa letsha le kahodimo, mmileng o pela tshimo ya mohlatswi.

18. Ba howeletsa morena; yaba ho tswela ho bona Eliakime, mora Hilkia, molotolotsi wa ntlo ya borena, le Shebna, mongodi, le Jowa, mora Asafe, mmoloki wa mangolo a mmuso.