BIBELE e Halalelang

2 Marena 17:33-41 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Ba tshaba Jehova jwalo, ba sebeletsa le medimo ya bona ka mokgwa wa ditjhaba tseo ba neng ba tlositswe hara tsona.

34. Le kajeno ba sa etsa ka mekgwa ya bona ya pele; ha ba tshabe Jehova, ha ba etse le ka melao yohle ya bona, leha e le ka mekgwa yohle ya bona, leha e le ka molao le ka taelo eo Jehova a e laetseng bara ba Jakobo, eo a mo reileng Iseraele;

35. bao Jehova a neng a entse selekane le bona, a ba laetse, a re: Le se ke la tshaba medimo esele, le se ke la e kgumamela, leha e le ho e sebeletsa, leha e le ho e hlabela.

36. Empa haele Jehova ya le nyolotseng fatsheng la Egepeta ka matla a maholo le ka letsoho le otlolohileng, yena le mo tshabe, le mo kgumamele, le mo hlabele.

37. Haele ditshwanelo, le mekgwa, le molao, le taelo tseo a le ngoletseng tsona, le di boloke, le ye ka tsona kamehla; le se ke la tshaba medimo esele.

38. Le selekane seo ke se hlabileng le lona, le se ke la se lebala, mme le se ke la tshaba medimo esele.

39. Empa Jehova, Modimo wa lona, ke yena eo le tshwanetseng ho mo tshaba: ke yena ya tla le namolela matsohong a bohle bao e leng dira ho lona.

40. Leha ho le jwalo, ha ba ka ba utlwa, empa ba entse ka mekgwa ya bona ya pele.

41. Haele ditjhaba tseo, tsa tshaba Jehova jwalo, tsa mpa tsa sebeletsa le ditshwantsho tsa bona; le bana ba bona le ditloholo tsa bona ba ntse ba etsa le kajeno jwalokaha ho nnile ha etsa bontata bona.