BIBELE e Halalelang

2 Marena 17:23-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Jehova a ba a tlosa Iseraele pela mahlo a hae, jwalokaha a ne a boletse ka bahlanka ba hae bohle, baporofeta. Baiseraele ba tloswa lefatsheng la bona, ba iswa Assiria kgolehong, ho fihlela tsatsi la kajeno.

24. Yaba morena wa Assiria o nka batho Babilona, le Kutha, le Avva, le Hamathe, le Sefarvaime, a ba bea metseng ya Samaria tulong tsa bana ba Iseraele; ya eba bona ba ruang Samaria, ba dulang metseng ya teng.

25. Ha ba sa qala ho dula teng, ba ne ba sa tshabe Jehova; ebile Jehova o romela ditau hara bona, tsa bolaya ba bang.

26. Yaba ho tsebiswa morena wa Assiria, ha thwe: Ditjhaba tseo o di faladitseng, wa di bea metseng ya Samaria, ha di tsebe mokgwa wa modimo wa lefatshe la teng; jwale, o ba rometse ditau, mme ke tsena di a ba bolaya, kahobane ha ba tsebe mokgwa wa modimo wa lefatshe la teng.

27. Ebile morena wa Assiria o laela, a re: Ha ho iswe monna e mong wa baprista bao le ba tlositseng teng; a ke a ye, a dule teng, a ba rute mokgwa wa modimo wa lefatshe leo.

28. Yaba e mong wa baprista ba neng ba tlositswe Samaria o tla, a dula Bethele, a ba ruta kamoo ba tshwanetseng ho tshaba Jehova kateng.

29. Leha ho le jwalo, setjhaba se seng le se seng sa nna sa iketsetsa medimo ya sona, sa e emisa nqalong tse diphahameng tse neng di entswe ke Basamaria, setjhaba se seng le se seng sa e bea metseng eo se ahileng ho yona.

30. Batho ba Babilona ba etsa Sukkothe-Benothe; batho ba Kuthe ba etsa Nergale, batho ba Hamathe ba etsa Ashmina;

31. ba Avva ba etsa Nibkase le Tharthake; ba Sefarvaime ba nna ba tjhesetsa Adrammeleke le Anammeleke medimo ya Sefarvaime, bara ba bona ka mollo.