BIBELE e Halalelang

2 Marena 17:20-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. Ebile moo Jehova a lahlang moloko wohle wa Iseraele, a ba kenya matshwenyehong, a ba neela matsohong a bahlorisi, a ba a ba lahlela hole le sefahleho sa hae.

21. A kgaola Baiseraele ho ntlo ya Davida; ba ipeela morena, e le Jeroboame, mora Nebathe, Jeroboame yena a kgelosa Iseraele ho Jehova, a ba kenya sebeng se seholo.

22. Bana ba Iseraele ba tsamaya dibeng tsohle tseo Jeroboame a di entseng; ba se ke ba di furalla.

23. Jehova a ba a tlosa Iseraele pela mahlo a hae, jwalokaha a ne a boletse ka bahlanka ba hae bohle, baporofeta. Baiseraele ba tloswa lefatsheng la bona, ba iswa Assiria kgolehong, ho fihlela tsatsi la kajeno.

24. Yaba morena wa Assiria o nka batho Babilona, le Kutha, le Avva, le Hamathe, le Sefarvaime, a ba bea metseng ya Samaria tulong tsa bana ba Iseraele; ya eba bona ba ruang Samaria, ba dulang metseng ya teng.

25. Ha ba sa qala ho dula teng, ba ne ba sa tshabe Jehova; ebile Jehova o romela ditau hara bona, tsa bolaya ba bang.

26. Yaba ho tsebiswa morena wa Assiria, ha thwe: Ditjhaba tseo o di faladitseng, wa di bea metseng ya Samaria, ha di tsebe mokgwa wa modimo wa lefatshe la teng; jwale, o ba rometse ditau, mme ke tsena di a ba bolaya, kahobane ha ba tsebe mokgwa wa modimo wa lefatshe la teng.

27. Ebile morena wa Assiria o laela, a re: Ha ho iswe monna e mong wa baprista bao le ba tlositseng teng; a ke a ye, a dule teng, a ba rute mokgwa wa modimo wa lefatshe leo.

28. Yaba e mong wa baprista ba neng ba tlositswe Samaria o tla, a dula Bethele, a ba ruta kamoo ba tshwanetseng ho tshaba Jehova kateng.

29. Leha ho le jwalo, setjhaba se seng le se seng sa nna sa iketsetsa medimo ya sona, sa e emisa nqalong tse diphahameng tse neng di entswe ke Basamaria, setjhaba se seng le se seng sa e bea metseng eo se ahileng ho yona.

30. Batho ba Babilona ba etsa Sukkothe-Benothe; batho ba Kuthe ba etsa Nergale, batho ba Hamathe ba etsa Ashmina;

31. ba Avva ba etsa Nibkase le Tharthake; ba Sefarvaime ba nna ba tjhesetsa Adrammeleke le Anammeleke medimo ya Sefarvaime, bara ba bona ka mollo.

32. Ba tshaba Jehova jwalo, ba nna ba iketsetsa baprista ba nqalo tse diphahameng, bao ba ikgethetseng bona hara bona, ya eba bona ba ba hlabelang matlung a nqalong tse diphahameng.