BIBELE e Halalelang

2 Marena 17:17-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ba tjhesa bara le baradi ba bona mollong, ba loya ka boloi, ba noha, ba ineela ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, hore ba mo halefise.

18. Ka baka leo, Jehova a halefela Baiseraele haholo, a ba tlosa pela mahlo a hae, ho se ke ha sala letho, haese leloko la Juda le nnotshi.

19. Le bona Bajuda ha ba ka ba boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa bona; le bona ba ya ka mekgwa eo Baiseraele ba e entseng.

20. Ebile moo Jehova a lahlang moloko wohle wa Iseraele, a ba kenya matshwenyehong, a ba neela matsohong a bahlorisi, a ba a ba lahlela hole le sefahleho sa hae.

21. A kgaola Baiseraele ho ntlo ya Davida; ba ipeela morena, e le Jeroboame, mora Nebathe, Jeroboame yena a kgelosa Iseraele ho Jehova, a ba kenya sebeng se seholo.

22. Bana ba Iseraele ba tsamaya dibeng tsohle tseo Jeroboame a di entseng; ba se ke ba di furalla.

23. Jehova a ba a tlosa Iseraele pela mahlo a hae, jwalokaha a ne a boletse ka bahlanka ba hae bohle, baporofeta. Baiseraele ba tloswa lefatsheng la bona, ba iswa Assiria kgolehong, ho fihlela tsatsi la kajeno.

24. Yaba morena wa Assiria o nka batho Babilona, le Kutha, le Avva, le Hamathe, le Sefarvaime, a ba bea metseng ya Samaria tulong tsa bana ba Iseraele; ya eba bona ba ruang Samaria, ba dulang metseng ya teng.

25. Ha ba sa qala ho dula teng, ba ne ba sa tshabe Jehova; ebile Jehova o romela ditau hara bona, tsa bolaya ba bang.

26. Yaba ho tsebiswa morena wa Assiria, ha thwe: Ditjhaba tseo o di faladitseng, wa di bea metseng ya Samaria, ha di tsebe mokgwa wa modimo wa lefatshe la teng; jwale, o ba rometse ditau, mme ke tsena di a ba bolaya, kahobane ha ba tsebe mokgwa wa modimo wa lefatshe la teng.

27. Ebile morena wa Assiria o laela, a re: Ha ho iswe monna e mong wa baprista bao le ba tlositseng teng; a ke a ye, a dule teng, a ba rute mokgwa wa modimo wa lefatshe leo.