BIBELE e Halalelang

2 Marena 17:10-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ba iketsetsa ditshwantsho le diashera maralleng wohle a phahameng, le tlasa difate tsohle tse tala.

11. Ba nna ba tjhesa dibano nqalong tsohle tse diphahameng, jwalokaha ho ne ho entse ditjhaba tseo Jehova a di tlositseng pela bona, ba nna ba sebetsa ntho tse mpe ho halefisa Jehova ka tsona;

12. Ba sebeletsa ditshwantsho tseo Jehova a neng a itse ho bona: Le se ke la di sebeletsa.

13. Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.

14. Leha ho le jwalo, ha ba ka ba utlwa; ba sataladitse melala ya bona, jwaloka bontata bona ba sa kang ba dumela ho Jehova, Modimo wa bona.

15. Ba ba ba lahla melao ya hae, le selekane seo a neng a se hlabile le bontata bona, le ditemoso tsa hae tseo a ba neileng tsona; ba latela masawana, ba ipebola, ba etsisa ditjhaba tse ba teetseng hare, tseo Jehova a neng a ba laetse, a re, ba se ke ba etsa jwaloka tsona.

16. Ba furalla melao yohle ya Jehova, Modimo wa bona, ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng manamane a mabedi, ba etsa le ditshwantsho tsa Ashtarothe, ba kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, ba sebeletsa le Baale.

17. Ba tjhesa bara le baradi ba bona mollong, ba loya ka boloi, ba noha, ba ineela ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, hore ba mo halefise.

18. Ka baka leo, Jehova a halefela Baiseraele haholo, a ba tlosa pela mahlo a hae, ho se ke ha sala letho, haese leloko la Juda le nnotshi.

19. Le bona Bajuda ha ba ka ba boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa bona; le bona ba ya ka mekgwa eo Baiseraele ba e entseng.

20. Ebile moo Jehova a lahlang moloko wohle wa Iseraele, a ba kenya matshwenyehong, a ba neela matsohong a bahlorisi, a ba a ba lahlela hole le sefahleho sa hae.

21. A kgaola Baiseraele ho ntlo ya Davida; ba ipeela morena, e le Jeroboame, mora Nebathe, Jeroboame yena a kgelosa Iseraele ho Jehova, a ba kenya sebeng se seholo.