BIBELE e Halalelang

2 Marena 17:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa Akase, morena wa Juda, Osea, mora Ela, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse robileng mono o le mong.

2. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, empa e seng jwalokaha ho ne ho entse marena a Iseraele a bileng teng pele ho yena.

3. Salmanasare, morena wa Assiria, a mo futuhela, mme Osea ya eba mofo wa hae, a mo ntshetsa le lekgetho.

4. Mohlomong, morena wa Assiria a fihlela phetohelo e le teng ho Osea, kamoo a rometseng manqosa kateng ho So, morena wa Egepeta, le kamoo a sa kang a nna a tlisetsa morena wa Assiria lekgetho kateng, jwalokaha a ne a entse ka selemo se seng le se seng. Yaba morena wa Assiria o mo kwalla teronkong, a mo tlama.

5. Morena wa Assiria a ya le naha yohle ya Iseraele, a futuhela le Samaria, a o thibella ka dilemo tse tharo.

6. Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.

7. Ho bile jwalo kahobane bana ba Iseraele ba ne ba sitetswe Jehova, Modimo wa bona, ya neng a ba nyolotse fatsheng la Egepeta, le matsohong a Faro, morena oa Egepeta, ba mpa ba rapetse medimo esele;

8. ba nnile ba tsamaya ka mekgwa ya ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele, le ka eo marena a Iseraele a entseng ka yona.

9. Bana ba Iseraele ba etsa ka sephiring ditaba tse sa kang tsa eba ntle ho Jehova, Modimo wa bona, ba ikgahela nqalo tse diphahameng metseng yohle ya bona, ho tloha ditoreng tsa dibohodi ho fihlela metseng e marako.

10. Ba iketsetsa ditshwantsho le diashera maralleng wohle a phahameng, le tlasa difate tsohle tse tala.

11. Ba nna ba tjhesa dibano nqalong tsohle tse diphahameng, jwalokaha ho ne ho entse ditjhaba tseo Jehova a di tlositseng pela bona, ba nna ba sebetsa ntho tse mpe ho halefisa Jehova ka tsona;

12. Ba sebeletsa ditshwantsho tseo Jehova a neng a itse ho bona: Le se ke la di sebeletsa.

13. Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.