BIBELE e Halalelang

2 Marena 16:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa Peka, mora Remalia, Akase, mora Jothame, morena wa Juda, a qala ho busa.

2. Akase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi, ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema.Empa ha a ka a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, Modimo wa hae, jwaloka Davida ntatae.

3. Le yena a ya ka mehlala ya marena a Iseraele, hape a tjhesa mora hae mollong, ka mokgwa wa manyala a ditjhaba, tseo Jehova a neng a di leleke pela bana ba Iseraele;

4. a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa dibano nqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.

5. Yaba Retsine, morena wa Siria, le Peka mora Remalia, morena wa Iseraele, ba futuhela Jerusalema, ba thibella Akase teng, ba mpa ba sitwa ho mo hlola.

6. Ebile moo Retsine, morena wa Siria, a boelang a hapela Siria Elathe, a leleka Bajuda Elathe, mme Basiria ba tla Elathe, ba aha teng ho fihlela kajeno.

7. Ebile Akase o romela manqosa ho Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a re: Ke mohlanka wa hao le mora hao; tloo, o nnamolele matsohong a morena wa Siria le matsohong a morena wa Iseraele, ba ntsohetseng matla.

8. Akase a nka silefera le kgauta tseo a di fumaneng ka tlung ya Jehova le bobolokelong ba ntlo ya marena, a di romela ho morena wa Assiria ka mokgwa wa nyehelo.

9. Morena wa Assiria a mo utlwa; morena wa Assiria a fela a futuhela Damaseka, a o kena, mme a isa ba teng Kire kgolehong, a bolaya le Retsine.

10. Morena Akase a ya Damaseka, a tle a kopane le Tiglathe-Pilesere, morena wa Assiria, a bona aletare e Damaseka; yaba morena Akase o romela ho moprista Uria setshwantsho sa aletare le mokgwa wohle oo e entsweng ka wona.

11. Moprista Uria a haha aletare ka mokgwa wohle oo morena Akase a mo rometseng wona a le Damaseka; mme moprista Uria a e phetha, morena Akase a eso ho kgutle Damaseka.