BIBELE e Halalelang

2 Marena 15:3-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, ka tsohle tse entsweng ke ntatae Amatsia.

4. Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.

5. Empa Jehova a otla morena, ya eba molepera ho isa ho shweng ha hae, a dutse tlung e kathoko. Mme Jothame, mora morena, a bewa modisa wa ntlo ya morena, a ahlolela setjhaba sa lefatshe.

6. Haele taba tse ding tsa Asaria le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

7. Yaba Asaria o orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae motseng wa Davida, mme Jothame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

8. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng meno e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Sakaria, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka kgwedi tse tsheletseng.

9. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, jwalokaha ho no ho entse bontatae, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.

10. Ebile Shallume, mora Jabeshe, o mo fetohela, a mo hlaba mahlong a setjhaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.

11. Haele taba tse ding tsa Sakaria, le tsona di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.

12. Ya eba yona taba e neng e boleletswe Jehu ke Jehova, mohla a reng: Bara ba hao ba moloko wa bone ba tla dula teroneng ya Iseraele. Ha fela ha eba jwalo.

13. Shallume yena, mora Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Osiase, morena wa Juda; a busa Samaria ka kgwedi e le nngwe.

14. Yaba Menaheme, mora Gadi, o tloha Thirtsa, a tla Samaria, a hlaba Shallume, mora Jabeshe, Samaria, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.

15. Haele taba tse ding tsa Shallume, le tsa ho fetoha ha hae, tsa kamoo a fetohileng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.

16. Yaba Menaheme o tloha Thirtsa, a kena Thifsa, a bolaya bohle ba teng le ba mathoko wohle a teng; kahobane ba ne ba sa ka ba mmulela monyako, a ba bolaya ke hona; basadi bohle ba baimana a petsola dimpa tsa bona.

17. Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Asaria, morena wa Juda, Menaheme, mora Gadi, a qala ho busa Iseraele, a busa ka dilemo tse leshome Samaria.

18. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla ka tshiu tsohle tsa hae dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.