BIBELE e Halalelang

2 Marena 15:19-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Yaba Pule, morena wa Assiria, o futuhela lefatshe la Iseraele; empa Menaheme a nyehella Pule ka talenta tse sekete tsa silefera, hore a mo thuse ho tiisa mmuso letsohong la hae.

20. Menaheme a ntshisa Iseraele lekgetho la tjhelete tseo, a re, bohle ba ruileng ba ntshetse morena wa Assiria, motho ka mong a ntshe dishekele tse mashome a mahlano tsa silefera. Ebile moo morena wa Assiria a kgutlang, a se ke a dula lefatsheng la Iseraele.

21. Haele taba tse ding tsa Menaheme, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

22. Menaheme a ntoo orohela ho bontatae; mme Pekakia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

23. Ka selemo sa mashome a mahlano sa Asaria, morena wa Juda, Pekakia, mora Menaheme, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse pedi.

24. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.

25. Yaba Peka, mora Remalia, tona ya hae, o a mo fetohela, a mo hlaba Samaria, qhobosheaneng ya ntlo ya borena, ba ena le Argobe, le Arie, le banna ba mashome a mahlano ba Gileade; a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.

26. Haele taba tse ding tsa Pekakia, le tsohle tseo a di entseng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.

27. Ka selemo sa mashome a mahlano a metso e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Peka, mora Remalia, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mabedi.

28. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova; a se ke a furalla dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.