BIBELE e Halalelang

2 Marena 14:9-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Empa Joase, morena wa Iseraele, a romela ho Amatsia, morena wa Juda, a re: Tshehlo ya Lebanone e kile ya romela ho kedare ya Lebanone, ya re: Neela mora ka moradi wa hao, e be mosadi wa hae. Empa ha feta dibatana tsa naha, tsa Lebanone, tsa hatakela tshehlo.

10. Ho hlola, o fela o hlotse Baedomo, mme pelo ya hao e ikakasitse; o ithorise kahoo, o mpe o dule ha hao; na o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?

11. Amatsia a mpa a se ke a mamela. Ebile Joase, morena wa Iseraele, o tswela ho yena, mme ba bonana difahleho le Amatsia, morena wa Juda, Bethe-Shemeshe wa Juda.

12. Bajuda ba hlolwa ke Baiseraele, e mong le e mong a ba a balehela tenteng ya hae.

13. Amatsia, morena wa Juda, mora Joase, mora Akasia, a tshwarwa ke Joase, morena wa Iseraele, Bethe-Shemeshe. Joase a ba a tla Jerusalema, a etsa sekgeo lerakong la Jerusalema, ho tloha monyakong wa Efraime, ho isa monyakong wa Kou, motopo wa sona e le ditswe tse makgolo a mane.

14. A nka le kgauta yohle le silefera le dipitsa tsohle tse fumanweng tlung ya Jehova, le tse bobolokelong ba ntlo ya morena, le batho ba entsweng ditebeletso, a ntoo boela Samaria.

15. Haele taba tse ding tsa Joase, tseo a di entseng, le matla a hae, le kamoo a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

16. Ebile Joase o orohela ho bontatae, a patwa Samaria ho marena a Iseraele, mme Jeroboame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

17. Eitse hobane Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, a timele, Amatsia yena, mora Joase, morena wa Juda, a sala a phela dilemo tse leshome le metso e mehlano.

18. Haele taba tse ding tsa Amatsia, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

19. Ebile ba bang ba mo fetohela Jerusalema, a mpa a balehela Lakishe; yaba ba mo phallela ho fihla Lakishe, ba mmolaela teng.

20. A ntoo bofsjwa dipereng, a iswa Jerusalema, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida.

21. Mme setjhaba sohle sa Juda sa nka Asaria, a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, sa mmea morena tulong tsa ntatae Amatsia.

22. Yena a haha Elathe, a o busetsa ho Juda, morena a se a orohetse ho bontatae.

23. Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa Amatsia, mora Joase, morena wa Juda, Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, a qala ho busa Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.