BIBELE e Halalelang

2 Marena 14:20-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. A ntoo bofsjwa dipereng, a iswa Jerusalema, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida.

21. Mme setjhaba sohle sa Juda sa nka Asaria, a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, sa mmea morena tulong tsa ntatae Amatsia.

22. Yena a haha Elathe, a o busetsa ho Juda, morena a se a orohetse ho bontatae.

23. Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa Amatsia, mora Joase, morena wa Juda, Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, a qala ho busa Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.

24. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.

25. A boela a lata moedi wa Iseraele, ho qala pela Hamathe ho isa lewatleng la Lehwatata, jwalokaha Jehova, Modimo wa Iseraele, a ne a boletse ka mohlanka wa hae moporofeta Jonase, mora Amitthai, wa Gathe-Hefere.

26. Hobane Jehova o ne a bone matshwenyeho a Iseraele hobane a bohloko haholo, le kamoo ba ruilweng le ba sa ruwang ba neng ba le tsietsing kateng, ho se mothusi Iseraeleng.

27. Athe Jehova o ne a sa ka a re, o tla hlakola lebitso la Iseraele tlasa mahodimo; a mpa a ba pholosa ka Jeroboame, mora Joase.

28. Haele taba tse ding tsa Jeroboame, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a boetseng a hapela Iseraele Damaseka le Hamathe wa Juda kateng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?

29. Yaba Jeroboame o orohela ho bontatae, ho marena a Iseraele, mme Sakaria mora hae ya eba morena tulong tsa hae.