BIBELE e Halalelang

2 Marena 14:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa bobedi sa Joase, mora Joakase, morena wa Iseraele, Amatsia, mora Joase, a qala ho busa Juda.

2. O ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robileng mono o le mong Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Joaddane wa Jerusalema.

3. A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, empa e seng jwaloka Davida ntatae; a etsa ka tsohle tse neng di entswe ke ntatae Joase.