BIBELE e Halalelang

2 Marena 12:8-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Yaba baprista ba dumela hore ba tla lesa ho nka ditjhelete tsa setjhaba le ho lokisa dikgeo tsa ntlo.

9. Ebile moprista Jehojada o nka letlole, a phunya lesoba sekwahelong sa lona, a le bea mabapa le aletare, ka ho le letona ho motho ya kenang tlung ya Jehova; mme baprista ba lebelang monyako ba nokela teng tjhelete tsohle tse tliswang tlung ya Jehova.

10. Enere ha ba bona hoba ditjhelete di ngata letloleng, mongodi wa morena le moprista e moholo ba ne ba tla, ba bale tjhelete tse fumanweng tlung ya Jehova, ba di kenye mekotleng.

11. Ditjhelete ha di badilwe, ba ne ba di bea matsohong a ba etsang mosebetsi, ba lebelang ntlo ya Jehova; bao ba ne ba di ntshetsa ba betlang difate, le dihahi tse sebetsang ntlo ya Jehova;

12. le diferi, le ba betlang majwe, e le hore ba reke difate le majwe a betlilweng a ho lokisa dikgeo tsa ntlo ya Jehova, le ho reka tsohle tse ntshetswang ntlo ho e lokisa.

13. Empa ha ho a ka ha etsetswa ntlo ya Jehova dipitsana tsa silefera, leha e le matlao, le mafiswana, le diterompeta, le dipitsa tsa kgauta, le dipitsa tsa silefera, ka tjhelete tse tliswang tlung ya Jehova.

14. Hobane ba ne ba di nea basebeletsi, ba tle ba lokise ntlo ya Jehova ka tsona.

15. Ba ne ba sa bale le banna bao ditjhelete tse bewang matsohong a bona, hore ba di nee ba sebetsang mosebetsi, kahobane ba ne ba etsa ka botshepehi.

16. Haele ditjhelete tsa mahlabelo a melato, le tjhelete tsa mahlabelo a dibe, di ne di sa tliswe tlung ya Jehova; e ne e le tsa baprista.