BIBELE e Halalelang

2 Marena 12:6-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Leha ho le jwalo, ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa morena Joase, baprista ba ne ba eso ho lokise dikgeo tsa ntlo.

7. Ebile morena Joase o bitsa moprista Jehojada le baprista ba bang, a re ho bona: Ha le a ka la lokisa dikgeo tsa ntlo keng? Kajeno, le se ke la hlola le nka ditjhelete ho ba tsebanang le lona, le mpe le di ntshetse dikgeo tsa ntlo.

8. Yaba baprista ba dumela hore ba tla lesa ho nka ditjhelete tsa setjhaba le ho lokisa dikgeo tsa ntlo.

9. Ebile moprista Jehojada o nka letlole, a phunya lesoba sekwahelong sa lona, a le bea mabapa le aletare, ka ho le letona ho motho ya kenang tlung ya Jehova; mme baprista ba lebelang monyako ba nokela teng tjhelete tsohle tse tliswang tlung ya Jehova.