BIBELE e Halalelang

2 Marena 12:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa bosupa sa Jehu, Joase a qala ho busa; a busa ka dilemo tse mashome a mane Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Tsibia wa Beerseba.

2. Joase a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, ka ditshiu tsohle tseo moprista Jehojada a mo eleditseng ka tsona;

3. empa dinqalo tse diphahameng ha a ka a di tlosa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano dinqalong tse diphahameng.

4. Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,

5. baprista ba ke ba di amohele e mong le e mong ho ba tsebanang le yena, mme ba lokise dikgeo tsa ntlo, kahohle moo dikgeo di ka bonwang.