BIBELE e Halalelang

2 Marena 11:15-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ebile moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng liemeng; ya mo latelang, le mmolaye ka lerumo. Hobane moprista o ne a itse: A se ke a bolaelwa tlung ya Jehova.

16. Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena ka tsela ya dipere, mme a bolaelwa teng.

17. Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a Jehova le morena le setjhaba, hore e fele e be setjhaba sa Jehova, le selekane mahareng a morena le setjhaba.

18. Yaba setjhaba sohle sa naha se kena ka tlung ya Baale, sa e qhaqha; dialetare le ditshwantsho tsa teng ba di robaka dikoto, ba di qeta; ba bolaya le Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare. Moprista a ntoo bea bahlahlobi hodima ntlo ya Jehova.

19. Hape, a ya le balaodi ba makgolo, le matona, le dititimi, le setjhaba sohle sa naha, ba theola morena tlung ya Jehova, ba mo isa tlung ya morena ka tsela e yang monyakong wa dititimi, a ba a dula teroneng ya marena.

20. Setjhaba sohle sa naha sa thaba, motse wa dula ka kgotso leha ho ne ho tswa bolawa Athalia ka lerumo pela ntlo ya morena.

21. Joase o ne a le dilemo tse supileng, ha a qala ho busa.