BIBELE e Halalelang

2 Marena 11:13-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Athalia ha a utlwa ditlatse tsa dititimi le tsa setjhaba, a kena hara setjhaba ka tlung ya Jehova.

14. A tadima, a bona morena a eme pela tshiya ka mokgwa wa teng, le mahosana le ba letsang diterompeta ba le pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, se letsa diterompeta. Ebile Athalia o hahola diaparo tsa hae, a memetsa, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!

15. Ebile moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng liemeng; ya mo latelang, le mmolaye ka lerumo. Hobane moprista o ne a itse: A se ke a bolaelwa tlung ya Jehova.

16. Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena ka tsela ya dipere, mme a bolaelwa teng.