BIBELE e Halalelang

2 Marena 11:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Athalia, mma Akasia, ha a bona hobane mora hae o timetse, a tloha, a timetsa lesika lohle la borena.

2. Empa Josheba, moradi wa morena Jorame, kgaitsedi ya Akasia, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bana ba morena mohla ba bolawang, a mo pata kamoreng ya malao, e le yena le moanyesi wa hae; ba mo patela Athalia jwalo, a tle a se ke a bolawa.

3. Ka mokgwa o jwalo, ba patwa ba babedi tlung ya Jehova ka dilemo tse tsheletseng, mme Athalia a busa naha.

4. Ka selemo sa bosupa, Jehojada a romela, a lata balaodi ba makgolo le matona le bahlabani, a ba biletsa ka tlung ya Jehova; a hlaba selekane le bona, a ba hlapantsha ka tlung ya Jehova, a ntoo ba bontsha mora morena.

5. A ba laela, a re: Ke sena seo le tla se etsa: Ba karolo ya boraro ba lona ba kenang tshebeletsong ka Sabatha, ba tla lebela ntlo ya morena.