BIBELE e Halalelang

2 Marena 11:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Athalia, mma Akasia, ha a bona hobane mora hae o timetse, a tloha, a timetsa lesika lohle la borena.

2. Empa Josheba, moradi wa morena Jorame, kgaitsedi ya Akasia, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bana ba morena mohla ba bolawang, a mo pata kamoreng ya malao, e le yena le moanyesi wa hae; ba mo patela Athalia jwalo, a tle a se ke a bolawa.

3. Ka mokgwa o jwalo, ba patwa ba babedi tlung ya Jehova ka dilemo tse tsheletseng, mme Athalia a busa naha.

4. Ka selemo sa bosupa, Jehojada a romela, a lata balaodi ba makgolo le matona le bahlabani, a ba biletsa ka tlung ya Jehova; a hlaba selekane le bona, a ba hlapantsha ka tlung ya Jehova, a ntoo ba bontsha mora morena.

5. A ba laela, a re: Ke sena seo le tla se etsa: Ba karolo ya boraro ba lona ba kenang tshebeletsong ka Sabatha, ba tla lebela ntlo ya morena.

6. Ba karolo e nngwe ya boraro ba tla ema monyako wa Sure; ba karolo e nngwe ya boraro ba eme monyako o kamora dititimi. Le tla lebela ntlo, le thibe.

7. Dihlopha tse pedi hara lona bohle tse tswang ka Sabatha di tla lebela ntlo ya Jehova, haufi le morena.

8. Le tla teela morena hare, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae ka letsoho la hae, mme ya kenang diemeng a bolawe. Le latelle morena, leha a etswa, leha a kena.

9. Balaodi ba makgotla ba etsa ka taelo tsohle tsa moprista Jehojada, ba nka e mong le e mong banna ba hae ba kenang tshebeletsong ka Sabatha hammoho le ba tswang ka Sabatha, ba tla ho moprista Jehojada.

10. Moprista a nea balaodi ba makgolo marumo le dithebe tsa morena Davida, tse neng di le ka tlung ya Jehova.