BIBELE e Halalelang

2 Marena 10:8-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Lenqosa le leng la tla, la mo tsebisa, la re: Ba tlisitse dihlooho tsa bara ba morena. A re: Le di etse qubu tse pedi, kgorong ya motse, e be e be hosasa.

9. Ka hosasa, a tswa, a ya ema teng, a re ho setjhaba sohle: Le lokile! Bonang, ke fetohetse monga ka, ka mmolaya; empa bao bohle ke mang ya ba bolaileng?

10. Tsebang jwale hore ha ho taba le e nngwe eo Jehova a e boletseng hodima ntlo ya Akabe, e tla wela fatshe; Jehova o entse seo a se boletseng ka Elia, mohlanka wa hae.

11. Jehu a bolaya le bohle ba setseng Jisreele ba ntlo ya Akabe, le baholo ba ha hae bohle, le metswalle ya hae, le matona a hae, a se ke a mo tlohella le a mong ya salang.

12. A ntoo ema, a tloha, a ikela Samaria. Ha a fihla pela ntlo eo badisa ba bokaneng ho yona, e pela tsela,

13. Jehu a kgahlana le banababo Akasia, morena wa Juda, a re: Le bomang? Ba re: Re banababo Akasia: re theohile ho ya dumedisa bara ba morena le bara ba mofumahadi.

14. A re: Ba tshwareng ba sa utlwa. Mme ba ba tshwara ba sa utlwa, ba ba bolaela lemeneng la ntlo ya badisa; e le banna ba mashome a mane a metso e mmedi, ho se ke ha tlola le a mong.