BIBELE e Halalelang

2 Marena 10:4-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ba mpa ba tshaba haholoholo, ba re: Marena a mabedi a sitilwe ho ema pela hae; rona re ka ema jwang?

5. Monga ntlo le mong a motse le baholo le bahodisi, ba romela ho Jehu, ba re: Re bahlanka ba hao, re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona; re ke ke ra bea e mong morena; etsa kamoo o ratang kateng.

6. A eketsa a ba ngolla lengolo, a re: Ha le fela le nkemela, mme le rata ho utlwa lentswe la ka, nkang dihlooho tsa batho bao, e leng bara ba monga lona, le tle ho nna Jisreele hosasane, ha ho le jwalo. Bara ba morena, e leng batho ba mashome a supileng, ba ne ba le ha baholo ba motse ba ba hodisang.

7. Lengolo ha le fihla ho bona ba nka bara ba morena, ba ba bolaya, e le ba mashome a supileng; ba hlomela dihlooho tsa bona ka diroto, ba di romela ho yena Jisreele.

8. Lenqosa le leng la tla, la mo tsebisa, la re: Ba tlisitse dihlooho tsa bara ba morena. A re: Le di etse qubu tse pedi, kgorong ya motse, e be e be hosasa.